Maele 8:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Ke ka nnakgosi di tsebang ho rena,le babusiba etsang melao e lokileng.

16. Ke ka nna mahosi le mahosanaa tsebang ho busa,le baahlodi bohleba tsebang ho ahlola.

17. Ba nthatang le nna ke a ba rata,ba mpatlangbona ba tla mphumana.

18. Ho nna maruo le tlotla di teng,maruo a sa feleng le hona ho loka.

19. Tholwana ya kae kgahleha ho feta kgauta,e feta kgauta e hlwekisitsweng,tse fumanwang ho nnadi feta silefera e hlwekisitsweng.

20. Ke tsamaya tseleng ya toka,tsela ya ka ke tsela ya molao.

21. Ba nthatang ke ba abela lefa,matlole a bona ke a tlatse,a be mohlohlo.

22. “Morena o mpopileqalehong ya mesebetsi ya hae,pele ho mesebetsi ya hae,mesebetsi ya kgalekgale;

23. ke hlodilwe kgale,pele ho mehla yohle,ke hlodilwe tshimolohong,fatshe le eso be teng.

24. Ka tswalwapele mawatle a eba teng,didiba tse kollang di eso ka di runya;

25. ka tswalwa thaba di eso ka di thewa,ka tswalwa le maralla a eso be teng,

Maele 8