Maele 6:8-16 BIBELE (SSO89SO)

8. hlabula bo ipatlela dijo tsa bona,bo ipokellele tsona ha ho kotulwa.

9. Wena sekgoba,o tla robala ho fihlela neng?O tla tsoha neng borokong ba hao?

10. O re: “A nke ke re shwa!ke boele ke re shwa!ke phuthaphuthe matsoho,ke iphomolele.”

11. Fuma ba hao bo tla o nanarela,bo o nanarele jwaloka senokwane,tlala e o wele hodimosa motho a nkile dihlomo.

12. Motho e mobe, ya kgopo,o tsamaya a fefetha leshano;

13. o roba leihlo la hae,a ngolangole fatshe ka leoto,a qhwayaqhwaye ka monwana;

14. o rera thetso ka pelong ya hae,kamehla o jala moferefere.

15. Koduwa e tla mo wela hodimo,e mo wele hodimo ka tsometso,a timetswe hanghangho se na pheko.

16. Ntho di tsheletse,tseo Morena a di hloileng,e, di supiletseo e leng manyala ho yena:

Maele 6