Maele 6:22-34 BIBELE (SSO89SO)

22. Ha o tsamaya di tla o etella pele,ha o robala ebe di a o lebela,ha o tsoha ebe di bua le wena.

23. Taelo ke lona lebone,thuto ke lona lesedi,kgalemo ke bona bophelo,

24. ho o phemisa mosadi wa sehlola,le molomomonate wa seraburabu.

25. Pelo ya haoe se lakatse botle ba sona,mahlo a sona a se ka o hohela,

26. hoba seotswa,le ka sengwatho o ka se reka,athe sehlola sonase tsoma bophelo ba hao.

27. Na motho a ka okga mollo,a o okgela fubeng sa hae,ebe aparo tsa haetsona ha di tuke malakabe?

28. Na motho a ka tsamayahodima mashala,ebe maoto a hae wona ha a tjhe?

29. O jwalo ya kenangkobong tsa mosadi wa motho,ya amang mosadi,eo a ke ke a phema kahlolo!

30. Shodu ha le utswa hoba le lapile,batho ha ba ke ba le nyedisa.

31. Ha le ka tshwarwa le tla lefa hasupa,le lefe ka tsohle tsa lapa la lona.

32. Motho ya febang o hloka kelello,ya etsang jwaloo timetsa bophelo ba hae;

33. o tla batwa leoma a tlontlolohe,dihlong tsa haedi se ke tsa hlola di fela.

34. Poulelo e halefisa monga mosadi,ha a iphetetsa ha a qenehele letho;

Maele 6