Maele 6:11-25 BIBELE (SSO89SO)

11. Fuma ba hao bo tla o nanarela,bo o nanarele jwaloka senokwane,tlala e o wele hodimosa motho a nkile dihlomo.

12. Motho e mobe, ya kgopo,o tsamaya a fefetha leshano;

13. o roba leihlo la hae,a ngolangole fatshe ka leoto,a qhwayaqhwaye ka monwana;

14. o rera thetso ka pelong ya hae,kamehla o jala moferefere.

15. Koduwa e tla mo wela hodimo,e mo wele hodimo ka tsometso,a timetswe hanghangho se na pheko.

16. Ntho di tsheletse,tseo Morena a di hloileng,e, di supiletseo e leng manyala ho yena:

17. Ke mahlo a ikgohomosang,leleme le tletseng thetso,matsoho a tshollang madi,madi a se nang molato;

18. pelo e rerang bokgopo,maoto a potlakelang bobeng;

19. paki ya bohata, e bolelang leshano,le ya jalang diqabanghara bana ba motho.

20. Mora wa ka,boloka taelo tsa ntatao,o se furalle thuto ya mmao;

21. di boloke ka pelong ya hao,di rwale molaleng wa hao.

22. Ha o tsamaya di tla o etella pele,ha o robala ebe di a o lebela,ha o tsoha ebe di bua le wena.

23. Taelo ke lona lebone,thuto ke lona lesedi,kgalemo ke bona bophelo,

24. ho o phemisa mosadi wa sehlola,le molomomonate wa seraburabu.

25. Pelo ya haoe se lakatse botle ba sona,mahlo a sona a se ka o hohela,

Maele 6