Maele 4:7-17 BIBELE (SSO89SO)

7. Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,ka tsohle tseo o nang le tsona,o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.

8. Bo thoholetse, bo tla o phahamisa;ha o bo kgomarela bo tla o tlotla.

9. Bo tla kgabisa hlooho ya hao,bo e kgabiseka moqhaka o bohehang,bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.”

10. Mora wa ka, mamela,o amohele polelo tsa ka,lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.

11. Ke o rutile tsela tsa bohlale,ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.

12. Ha o tsamayao ke ke wa sitiswa ke letho,ha o matha o ke ke wa kgoptjwa.

13. Tshwara thuto ena, o e mamarele,o e dise ka thata,ke yona bophelo ba hao.

14. Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo,se tsamaye tseleng ya baetsadibe.

15. E kgese, o be o e kwekwetle;e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao.

16. Ha ba sa etse bokgopoha ba robale,ba fadimehiswake takatso ya ho bolaya.

17. Ba ja bohobe ba bokgopo,ba nwe veine ya meferefere.

Maele 4