Maele 4:5-12 BIBELE (SSO89SO)

5. Iphumanele bohlale,iphumanele kutlwisiso,se lebale polelo tsa ka,o se di kgelohe;

6. se furalle bohlale, bo tla o sireletsa;bo rate, bo tle bo o lebele.

7. Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,ka tsohle tseo o nang le tsona,o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.

8. Bo thoholetse, bo tla o phahamisa;ha o bo kgomarela bo tla o tlotla.

9. Bo tla kgabisa hlooho ya hao,bo e kgabiseka moqhaka o bohehang,bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.”

10. Mora wa ka, mamela,o amohele polelo tsa ka,lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.

11. Ke o rutile tsela tsa bohlale,ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.

12. Ha o tsamayao ke ke wa sitiswa ke letho,ha o matha o ke ke wa kgoptjwa.

Maele 4