3. Ha ke ne ke le ngwanaya ratwang ke ntatae,ngwana ya mong feela,sebokotswa-ke-mmae,
4. ntate a na nthuta, a re:“Polelo tsa kadi se tlohe pelong ya hao,boloka taelo tsa ka o tle o phele.
5. Iphumanele bohlale,iphumanele kutlwisiso,se lebale polelo tsa ka,o se di kgelohe;
6. se furalle bohlale, bo tla o sireletsa;bo rate, bo tle bo o lebele.
7. Bo kahodimo ho tsohle,iphumanele bona,ka tsohle tseo o nang le tsona,o bo reke, o iphumanele kutlwisiso.
8. Bo thoholetse, bo tla o phahamisa;ha o bo kgomarela bo tla o tlotla.
9. Bo tla kgabisa hlooho ya hao,bo e kgabiseka moqhaka o bohehang,bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.”
10. Mora wa ka, mamela,o amohele polelo tsa ka,lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.
11. Ke o rutile tsela tsa bohlale,ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
12. Ha o tsamayao ke ke wa sitiswa ke letho,ha o matha o ke ke wa kgoptjwa.
13. Tshwara thuto ena, o e mamarele,o e dise ka thata,ke yona bophelo ba hao.
14. Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo,se tsamaye tseleng ya baetsadibe.
15. E kgese, o be o e kwekwetle;e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao.
16. Ha ba sa etse bokgopoha ba robale,ba fadimehiswake takatso ya ho bolaya.
17. Ba ja bohobe ba bokgopo,ba nwe veine ya meferefere.