Maele 4:20-25 BIBELE (SSO89SO)

20. Mora wa ka,mamela mantswe ana a ka,o sekehele polelo tsa ka tsebe.

21. Polelo tsa ka o se di lebale,o di boloke ka pelong ya hao;

22. ke bophelo ho ba di amohelang,di phedisa mmele ya bona hamonate.

23. Baballa pelo ya hao,e baballe ho feta tsohle,hobane ke yona diba sa bophelo.

24. Se bue leshano ka molomo wa hao,puo tse thetsangdi se tswe ka hanong la hao.

25. Mahlo a haoa tadime kapele ho wena,dintshi tsa hao di se ke tsa panya.

Maele 4