Maele 4:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Tsela ya ba lokilenge ka mafube a meso,kganya ya yona e eketseha,ho fihlela hara mpa motsheare.

19. Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho,ha ba tsebe se ba kgothometsang.

20. Mora wa ka,mamela mantswe ana a ka,o sekehele polelo tsa ka tsebe.

21. Polelo tsa ka o se di lebale,o di boloke ka pelong ya hao;

22. ke bophelo ho ba di amohelang,di phedisa mmele ya bona hamonate.

23. Baballa pelo ya hao,e baballe ho feta tsohle,hobane ke yona diba sa bophelo.

24. Se bue leshano ka molomo wa hao,puo tse thetsangdi se tswe ka hanong la hao.

25. Mahlo a haoa tadime kapele ho wena,dintshi tsa hao di se ke tsa panya.

26. Qamaka ka hlokomoo o hatang teng,tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.

27. Se kgelohele ka ho le letonakapa ka ho le letshehadi,mehato ya haoe o phemise bokgopo.

Maele 4