21. Ha lehlwa le kgethehaletswalo ha a na lona,bohle ba lapa la haeba apesitswe tse mofuthu;
22. kallane tsa moalo o itohela tsona,aparo tsa haeke tsa lene e ntle, e perese.
23. Monna haeo hlompheha le kgorong tsa motse,ha a dutse teng le baholo ba naha.
24. O roka diaparo tsa lene e ntlea di rekise,le wona maqhamabahwebi ba a reka ho yena.
25. Matla le seritike tsona aparo tsa hae,taba tsa kamoso tsona o a di teola!
26. Ha a etswa molomoo bua ka kelello,thuto tsa mosadi tswe lemeng la hae.
27. O sedi tabeng tsa lelapa la hae,hase mokotla o mahlo,mohlohlwa-o-rapame.
28. Bana ba haeba ema ba re o hlohonolo,le monna hae a rialo,a ba a mmabatse, a re:
29. “Basadi ba bangatake basadi ba kgabane,empa wena kaofela o a ba feta!”
30. Leredi ke thetsane,botle ke lefeelafeelane;mosadi ya tshabang Modimoke yena ya tla roriswa.