2. “Oho, ngwanaka!Oho, ngwana popelo ya ka!Wena eo ke mo filwengho arabela thapelo tsa ka,
3. se qete matlaa bonna ba hao ka basadi,se tjhedietele basadi ba timeditseng dikgosi.
4. “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele,ho nwa veine ha ho di lokele,ho tjhatjhehela jwalaha ho lokele mahosana,
5. esere ha di nwele,molao tsa o lebala,bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6. Ba kgatheng la ho shwaba nweseng jwala,ba sithabetseng dipelole ba nwese veine.
7. Ba tloheleng ba nwe,ba lebale bofuma ba bona,mahlomola a bonaba se hlole ba a hopola.
8. “Eba molomowa ba sa tsebeng ho ipuella,o tseke tokelotsa bohle ba saretsweng.
9. Ba buelle,o ba ahlolele ka toka,o emele nyewe tsa bafumanehile wona mafutsana.”
10. Mosadi ya kgabanea ka fumanwa ke mang?Bohlokwa ba haebo feta le mabenyane a bohlokwa!
11. Monna haeo mo tshepa a sa kganane,mme bofutsanaa ke ke be a bo tseba.
12. Ke matsatsi wohlea ho phela ha hae,o etsetsa monnatse molemo e seng tse mpe.
13. O batla boya, a batle motsitla,a sebetse ka matsoho a haeka mafolofolo.
14. O tshwana le dikepetsa bo-rakgwebo,dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.
15. O tsoha bosiu e sa le ka matjeke,a fepe bohle ba lelapa la hae,makgabunyane a haea a abele mosebetsi.
16. Ha a kgahlwa ke tshimoeba o a e reka,a e leme moraraka tse sebeditswengke matsoho a hae.
17. Theka la hae o le tlama hathata,a matlafatse le matsoho a hae.
18. O lemoha hore kgwebo ya haee a mo atla,bosiu bo sabone la hae le sa tingwe.
19. Toloki o e tshwaraka letsoho la hae,tshwele a e tshwareka monwana ha a e ohla.
20. Bafumanehi o ba fepa a sa kganane,bahloki le bona a ba atsweka tsoho le batsi.