2. “Oho, ngwanaka!Oho, ngwana popelo ya ka!Wena eo ke mo filwengho arabela thapelo tsa ka,
3. se qete matlaa bonna ba hao ka basadi,se tjhedietele basadi ba timeditseng dikgosi.
4. “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele,ho nwa veine ha ho di lokele,ho tjhatjhehela jwalaha ho lokele mahosana,
5. esere ha di nwele,molao tsa o lebala,bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6. Ba kgatheng la ho shwaba nweseng jwala,ba sithabetseng dipelole ba nwese veine.
7. Ba tloheleng ba nwe,ba lebale bofuma ba bona,mahlomola a bonaba se hlole ba a hopola.
8. “Eba molomowa ba sa tsebeng ho ipuella,o tseke tokelotsa bohle ba saretsweng.
9. Ba buelle,o ba ahlolele ka toka,o emele nyewe tsa bafumanehile wona mafutsana.”
10. Mosadi ya kgabanea ka fumanwa ke mang?Bohlokwa ba haebo feta le mabenyane a bohlokwa!
11. Monna haeo mo tshepa a sa kganane,mme bofutsanaa ke ke be a bo tseba.