9. esere ha ke kgotsheyaba ke a o latola,ke re: <Morena ke mang?>Kapa ka futsaneha,yaba ke a utswa,mme ka tlaelaka lebitso la Modimo wa ka.
10. “O se ke wa nyedisa mohlankaho monga hae,esere a o rohaka,wa fumanwa o le molato.
11. “Moloko o tengo rohakang bo-ntata wona,o sa hlompheng le bo-mma wona.
12. Moloko o tengo ithetsang ka ho re o hlwekile,empa o sa hlwekiswaditshila tsa wona.
13. Moloko o teng o ikgohomosang,o shebang batho ka ho ba nyedisa.
14. Moloko o tengo meno a kang disabole,oo a mohlaare a kang dithipa,ho harola bafumanehi lefatsheng,le bahloki ba phelang hara setjhaba.
15. “Koidi e na le madinyanea le mabedi,a kopang a re: <Re fepe! Re fepe!>“Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng,e, di nne tse sa ke be di re:<Ho lekane!>
16. Ke lebitla le mosadi wa nyopa,le mobu o omeletseng,le mollo o sa ke be o re:<Ho lekane!>
17. “Leihlo le tshehang ntata lona,le nyedisang taelo ya mma lona,makgwaba a dikgohlo a tla le honya,mme madinyane a ntsu a le je.