6. Se eketse letho polelong tsa hae,esere a o kgalema,wa fumanwa o le leshano.”
7. “Ke kopile ntho di le pedi ho wena,o se nkganele ka tsonapele ke eshwa:
8. Suthisetsa bolotsana le mashanohole le nna,o se ke wa nthuisakapa wa mphutsanehisa,o mphepe ka dijo tse ntekaneng;
9. esere ha ke kgotsheyaba ke a o latola,ke re: <Morena ke mang?>Kapa ka futsaneha,yaba ke a utswa,mme ka tlaelaka lebitso la Modimo wa ka.
10. “O se ke wa nyedisa mohlankaho monga hae,esere a o rohaka,wa fumanwa o le molato.
11. “Moloko o tengo rohakang bo-ntata wona,o sa hlompheng le bo-mma wona.
12. Moloko o tengo ithetsang ka ho re o hlwekile,empa o sa hlwekiswaditshila tsa wona.