Maele 30:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. Moloko o teng o ikgohomosang,o shebang batho ka ho ba nyedisa.

14. Moloko o tengo meno a kang disabole,oo a mohlaare a kang dithipa,ho harola bafumanehi lefatsheng,le bahloki ba phelang hara setjhaba.

15. “Koidi e na le madinyanea le mabedi,a kopang a re: <Re fepe! Re fepe!>“Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng,e, di nne tse sa ke be di re:<Ho lekane!>

16. Ke lebitla le mosadi wa nyopa,le mobu o omeletseng,le mollo o sa ke be o re:<Ho lekane!>

17. “Leihlo le tshehang ntata lona,le nyedisang taelo ya mma lona,makgwaba a dikgohlo a tla le honya,mme madinyane a ntsu a le je.

18. “Ntho di tharotse mmakatsang haholo,e, di nne tseo ke sa di tsebeng:

19. Mohlala wa ntsu sepakapakeng,mohlala wa noha hodima lefika,mohlala wa sekepe hara lewatle,mohlala wa monna ho morwetsana.

20. “Mokgwa wa mosadi wa sefebe,ke mokgwa o tjena:O a ja, ebe o a itlhakola, o re:<Nna ha ke a etsa letho le kgopo.>

21. “Ntho di tharotse reketlisang lefatshe,di nnetseo le ke keng la di mamella:

22. Ke lekgoba leo ebang kgosi,le sethoto se nyonyobetseng,

23. le moshejwahang ha a nyalwa,le lekgabunyanele jang lefa la monga lona.

24. “Ntho di nnetse nyenyane lefatsheng,empa tse bohlale bo makatsang:

25. Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla,empa bo bokelladijo tsa bona hlabula.

26. Dipela ke tjhaba se fokolang,empa di etsaqhobo tsa tsona mafikeng.

27. Ditsie tsona ha di na kgosi,empa ha di falladi fofa ka mekgahlelo.

Maele 30