1. Tsena ke dipolelo tsa Akure, mora wa Jake, wa Masa.Monna eo a bua, a re:“Oho, Modimo ke kgathetse!Oho, Modimo ke kgathetse!Ke feletswe ke matla!
2. Nna ke sethotoho feta mang kapa mang;ha ke na le kutlwisiso ya botho.
3. Ha ke a ka ka ithuta bohlale,ebile ha ke tsebe Ya Halalelang.
4. Ya nyolohetseng lehodimonga ba a theoha ke mang?Ya fupereng moyaka diatla tsa hae ke mang?Ya bokeletseng metsika aparong sa hae ke mang?Ya sehileng meediya dipheletso tsa lefatse ke mang?Lebitso la hae ke mang?La mora wa hae lona ke mang?Haeba o a tseba, bolela!
5. “Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.