Maele 3:20-35 BIBELE (SSO89SO)

20. ka tsebo ya hae a arohanya madiba,maru a latsa phoka,a e latsa hodima lefatshe.

21. Mora wa ka,boloka bohlale le tlhalohanyo,di se tlohe mahlong a hao.

22. Tsena ho wena e tla ba bophelo,di qhake molala wa hao,di o kgabise.

23. O tla tsamaya o sireletsehile,leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.

24. Ha o robalao ke ke wa tshaba letho,ha o robalao tla kgaleha thuwe!

25. Se tshabe tlokotsie o tlelang ka tsometso,kapa timetsoe welang ba kgopo hodimo;

26. hobane Morenake yena letshepa la hao,leoto la haole ke ke la wela lerabeng.

27. Fana ka tse molemoho ba di hlokang,ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

28. O se ke wa re ho wa heno:“Tsamaya o boele o kgutle,ke tla o nea yona hosasa,”empa o ntso ena le yona.

29. O se ke wa rerela wa heno bokgopo,empa yena a phela le wenaa o tshepile.

30. Se qose motho ho se na lebaka,ha yena a sa o senyetsa letho.

31. Se kgahlwe ke mothoya kgantshang bohanka,se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.

32. Morena o hloile ya sothang nnete,empa ya lokilengyena o a mo tshepa.

33. Morena o rohakamalapa a ba kgopo;o hlohonolofatsa a ba lokileng.

34. Morena o soma baikakasi,athe baikokobetsi o a ba hauhela.

35. Ba bohlale bona o a ba tlotla,athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha.

Maele 3