Maele 3:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. Tsela tsa bona di a kgahleha,moo bo tsamayang tengho rena kgotso.

18. Ho ba bo kgomarelangke fate sa bophelo,ho lehlohonoloba itshwarellang ka bona.

19. Ka bohlaleMorena o radile metheo ya lefatshe,ka kelelloMorena a ala le mahodimo;

20. ka tsebo ya hae a arohanya madiba,maru a latsa phoka,a e latsa hodima lefatshe.

21. Mora wa ka,boloka bohlale le tlhalohanyo,di se tlohe mahlong a hao.

22. Tsena ho wena e tla ba bophelo,di qhake molala wa hao,di o kgabise.

23. O tla tsamaya o sireletsehile,leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.

24. Ha o robalao ke ke wa tshaba letho,ha o robalao tla kgaleha thuwe!

25. Se tshabe tlokotsie o tlelang ka tsometso,kapa timetsoe welang ba kgopo hodimo;

26. hobane Morenake yena letshepa la hao,leoto la haole ke ke la wela lerabeng.

27. Fana ka tse molemoho ba di hlokang,ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

28. O se ke wa re ho wa heno:“Tsamaya o boele o kgutle,ke tla o nea yona hosasa,”empa o ntso ena le yona.

29. O se ke wa rerela wa heno bokgopo,empa yena a phela le wenaa o tshepile.

Maele 3