15. bo kgahlehaho feta le mabenyane a bohlokwa,ha ho lethole ka bapiswang le bona;
16. ka ho le letonabo kakatletse bolelele ba bophelo,ka ho le letshehadibo kakatletse maruo le tlotla.
17. Tsela tsa bona di a kgahleha,moo bo tsamayang tengho rena kgotso.
18. Ho ba bo kgomarelangke fate sa bophelo,ho lehlohonoloba itshwarellang ka bona.
19. Ka bohlaleMorena o radile metheo ya lefatshe,ka kelelloMorena a ala le mahodimo;
20. ka tsebo ya hae a arohanya madiba,maru a latsa phoka,a e latsa hodima lefatshe.
21. Mora wa ka,boloka bohlale le tlhalohanyo,di se tlohe mahlong a hao.
22. Tsena ho wena e tla ba bophelo,di qhake molala wa hao,di o kgabise.
23. O tla tsamaya o sireletsehile,leoto la hao le ke ke la kgoptjwa.
24. Ha o robalao ke ke wa tshaba letho,ha o robalao tla kgaleha thuwe!
25. Se tshabe tlokotsie o tlelang ka tsometso,kapa timetsoe welang ba kgopo hodimo;
26. hobane Morenake yena letshepa la hao,leoto la haole ke ke la wela lerabeng.