Maele 3:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Ho lehlohonoloya iphumanetseng bohlale,ya bileng a fihletseng kutlwisiso,

14. hoba bo feta silefera ka bohlokwa,ho bo fihlelake tlotlo le fetang kgauta;

15. bo kgahlehaho feta le mabenyane a bohlokwa,ha ho lethole ka bapiswang le bona;

16. ka ho le letonabo kakatletse bolelele ba bophelo,ka ho le letshehadibo kakatletse maruo le tlotla.

17. Tsela tsa bona di a kgahleha,moo bo tsamayang tengho rena kgotso.

18. Ho ba bo kgomarelangke fate sa bophelo,ho lehlohonoloba itshwarellang ka bona.

19. Ka bohlaleMorena o radile metheo ya lefatshe,ka kelelloMorena a ala le mahodimo;

20. ka tsebo ya hae a arohanya madiba,maru a latsa phoka,a e latsa hodima lefatshe.

21. Mora wa ka,boloka bohlale le tlhalohanyo,di se tlohe mahlong a hao.

22. Tsena ho wena e tla ba bophelo,di qhake molala wa hao,di o kgabise.

Maele 3