8. Basomi ba fehla moferefere,ba o fehla kahara motse,empa ba bohlaleba kokobetsa kgalefo.
9. Ha motho ya bohlalea qosana le ya sethoto,leha ya sethoto a ka halefa,kapa a tsheha,kgotso e ke ke ya eba teng.
10. Ba nyoretsweng madiba hloile ba lokileng,empa ba lokilengba boulela bophelo ba hae.
11. Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,empa ya bohlale yena o a e bipa.
12. Ha mmusi a mamela mashano,bahlanka ba hae bohleba tla ba kgopo.
13. Mofumanehi le mohatelliba tshwana ka sena:Morena o tutubolla mahlo,mahlo a bona bobedi.
14. Kgosi e ahlolelang bafumanehi,e ba ahlolelang ka toka,terone ya yonae tla tsitsa kamehla yohle.
15. Thupa le kgalemo di tlisa bohlale,empa ngwana ya tlohetsweng feela,o hlabisa mmae dihlong.
16. Ha ba kgopo ba anafala,bokgopo bo a eketseha;empa ba lokilengba tla bona ha ba timela.