7. Ya lokilengo hlokomela tokelo tsa bafumanehi,empa ya kgopoyena ha a di natse ka letho.
8. Basomi ba fehla moferefere,ba o fehla kahara motse,empa ba bohlaleba kokobetsa kgalefo.
9. Ha motho ya bohlalea qosana le ya sethoto,leha ya sethoto a ka halefa,kapa a tsheha,kgotso e ke ke ya eba teng.
10. Ba nyoretsweng madiba hloile ba lokileng,empa ba lokilengba boulela bophelo ba hae.
11. Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,empa ya bohlale yena o a e bipa.
12. Ha mmusi a mamela mashano,bahlanka ba hae bohleba tla ba kgopo.
13. Mofumanehi le mohatelliba tshwana ka sena:Morena o tutubolla mahlo,mahlo a bona bobedi.
14. Kgosi e ahlolelang bafumanehi,e ba ahlolelang ka toka,terone ya yonae tla tsitsa kamehla yohle.