Maele 29:16-27 BIBELE (SSO89SO)

16. Ha ba kgopo ba anafala,bokgopo bo a eketseha;empa ba lokilengba tla bona ha ba timela.

17. Kgalema mora wa hao,o tla fumana phomolo,le moya wa hao o nyakalle.

18. Tjhaba se sa senolelwang ditaba,se iketsetsa borata,empa ho lehlohonoloya bolokang molao.

19. Lekgoba le ke ke la kgalengwaka ho buiswa feela,le hoja le utlwisisa,le ke ke la phetha taelo.

20. Motho eo ereng ha a buaa phasolohe,o ka tshepa sethotoho ena le yena.

21. Ya bokotsang kgoba la haeha a le hodisa,le tla qetella le mo hlokela teboho.

22. Motho ya bohale o baka diqabang,ya hlonamengyena o tletse bokgopo.

23. Boikakaso ba motho bo a mo diha,empa boikokobetsobo mo tlisetsa hlompho.

24. Motswalle wa leshodu o itlhoile,o utlwa thohako, empa ha a e natse,

25. Ho tshaba bathoke ho itjhehela leraba,empa ya tshepang Morenao tla bolokeha.

26. Ba bangataba batla ho ratwa ke mmusi,empa mothoo fumana toka ho Morena feela.

27. Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang,ba sa lokang ba nyonya ba lokileng.

Maele 29