1. Motho ya nnileng a kgalengwaempa a satalatsa molala,hanghang o tla welwa ke kotsi,pheko e be siyo.
2. Ha ba lokileng ba ngatafala,tjhaba se a nyakalla,empa ha ba kgopo ba busatjhaba se a lla,
3. Ya ratang bohlale o thabisa ntatae,ya mathang le diotswao hafaka leruo la hae.
4. Ha kgosi e thahasella toka,puso e a tsitsa,kgosi e kgethisang setjhaba haboimae futsanehisa naha.
5. Motho ya phoqang mohahaboo itjhehela leraba ka boyena.
6. Sebe sa ya kgopoke lemena ho yena,empa ya lokilengo bina a nyakaletse.
7. Ya lokilengo hlokomela tokelo tsa bafumanehi,empa ya kgopoyena ha a di natse ka letho.
8. Basomi ba fehla moferefere,ba o fehla kahara motse,empa ba bohlaleba kokobetsa kgalefo.
9. Ha motho ya bohlalea qosana le ya sethoto,leha ya sethoto a ka halefa,kapa a tsheha,kgotso e ke ke ya eba teng.
10. Ba nyoretsweng madiba hloile ba lokileng,empa ba lokilengba boulela bophelo ba hae.