8. Monna ya furallang lapa la hae,o tshwana le nonyanae furallang sehlaha sa yona.
9. Ditlolo le menkwanedi thabisa pelo ya motho,keletso e ntle ya motswallele yona e thabisa jwalo.
10. Se furalle motswalle wa haokapa wa ntatao,ha o le bothateng,se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;motswalle ya haufi o na le thuso,ho feta ngwaneno ya hole.
11. Mora ka, hlalefa,o thabise pelo ya ka,ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.
12. Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,empa ya se nang tseboo tlatselaka feela,a wele kotsing.
13. Nka seaparo sa ya itlammengho lefa molato wa e mong;mo ntshise tebeletsobakeng sa mosadi wa sehlola.
14. Ya dumedisang mohahaboka ho mo tlatsetsa lerata,a mo tlatsetsa lerata ka matjeke,tlhohonolofatso ya haee tla fetoha thohako.
15. Metsi a rothang ho ya ho ileha pula e ena,a tshwana hantle le mmadikomang.
16. Ho mo thodisaho tshwana le ho thiba moya,kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.
17. Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,monna o tentshwa tsheake banna ba bang.
18. Ya hlokomelang fate sa feiye,o tla ja tholwana tsa sona;ya baballang monga hae hantle,o tla tlotlwa ke yena.