7. Ya nyonyobetsengo hlaba kgora ka sefeamaeba,athe ho ya lapilengle ho babang ho a latsweha.
8. Monna ya furallang lapa la hae,o tshwana le nonyanae furallang sehlaha sa yona.
9. Ditlolo le menkwanedi thabisa pelo ya motho,keletso e ntle ya motswallele yona e thabisa jwalo.
10. Se furalle motswalle wa haokapa wa ntatao,ha o le bothateng,se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;motswalle ya haufi o na le thuso,ho feta ngwaneno ya hole.
11. Mora ka, hlalefa,o thabise pelo ya ka,ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.
12. Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,empa ya se nang tseboo tlatselaka feela,a wele kotsing.
13. Nka seaparo sa ya itlammengho lefa molato wa e mong;mo ntshise tebeletsobakeng sa mosadi wa sehlola.
14. Ya dumedisang mohahaboka ho mo tlatsetsa lerata,a mo tlatsetsa lerata ka matjeke,tlhohonolofatso ya haee tla fetoha thohako.
15. Metsi a rothang ho ya ho ileha pula e ena,a tshwana hantle le mmadikomang.
16. Ho mo thodisaho tshwana le ho thiba moya,kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.
17. Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,monna o tentshwa tsheake banna ba bang.
18. Ya hlokomelang fate sa feiye,o tla ja tholwana tsa sona;ya baballang monga hae hantle,o tla tlotlwa ke yena.
19. Jwalokaha mothoa ipona sefahleho ka metsing,pelo ya mothole yona ke seipone sa hae.
20. Nqalo ya Bafule mohohlo wa timeloha di ke di tlala,le wona mahlo a mothoha a kgotsofale.
21. Silefera e hlwekiswaka ho qhibidiswa pitseng,kgauta yona ka seboping sa yona,le motho o ahlolwaka botumo ba hae.
22. Lehlanya o ka le tulellaka lefudung,wa le silella le mabele ka tshilo;empa bohlanyabo ke ke ba le tlohela.
23. Eba mafolofoloho lekola kgutshwane tsa hao,o hlahlobe mehlape ya hao hantle;