Maele 27:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Se furalle motswalle wa haokapa wa ntatao,ha o le bothateng,se itlwaetse ho ya ha ngwaneno;motswalle ya haufi o na le thuso,ho feta ngwaneno ya hole.

11. Mora ka, hlalefa,o thabise pelo ya ka,ke tle ke arabe motho ya nnyatsang.

12. Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,empa ya se nang tseboo tlatselaka feela,a wele kotsing.

13. Nka seaparo sa ya itlammengho lefa molato wa e mong;mo ntshise tebeletsobakeng sa mosadi wa sehlola.

14. Ya dumedisang mohahaboka ho mo tlatsetsa lerata,a mo tlatsetsa lerata ka matjeke,tlhohonolofatso ya haee tla fetoha thohako.

15. Metsi a rothang ho ya ho ileha pula e ena,a tshwana hantle le mmadikomang.

16. Ho mo thodisaho tshwana le ho thiba moya,kapa ho kgakeletsa ole ka seatla.

17. Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,monna o tentshwa tsheake banna ba bang.

Maele 27