Maele 26:2-12 BIBELE (SSO89SO)

2. Jwaloka serobele se phuphuselang,kapa lefokotsane le okaokelang,motho ha a silafatsweke thohako ya lefeela.

3. Phafa e shapa pere,tonki e hulwa ka tomo,thoto sona se phekolwa ka thupa.

4. Se arabe sethotoho ya ka bothoto ba sona,esere le wena wa tshwana le sona.

5. Araba sethotoho ya ka bothoto ba sona,esere sa ipona se le bohlale.

6. Ya romeletsang ditaba ka sethoto,o ikgaola maoto,o ipiletsa ditlokotsi.

7. Maoto a sehlotsa a a fokola,maele a tswangmolomong wa sethoto a jwalo.

8. Ho isa tlotla ho sethoto,ho tshwana le ho tlamella lejwe,ho le tlamella letjeketjaneng.

9. Maele a tswang molomong,molomong wa sethoto,a ka moutlwao hlabang letsoho la letahwa.

10. Jwaloka rametsuya fulang a sa shebe,ya hirang sethotokapa mofeta-ka-tsela, o jwalo.

11. Sethoto se kgutlelangbothotong ba sonase tshwana le ntja e kgutlelangmahlatseng a yona.

12. Motho ya ithetsangka ho re o bohlale,o ka tshepa sethotoho ena le yena.

Maele 26