14. Jwalokaha lematile kwaleha le buleha,sekgoba le sonase meneka jwalo moalong wa sona.
15. Sekgoba se kenya letsohoka sejaneng,empa se botswa ho le isa hanong.
16. Sekgoba se ithetsaka ho re se bohlale,ho feta banna ba supilengba nang le kelello.
17. Mofeta-ka-tselaya kenang qabang tsa bathoo ka motho ya sothangtsebe tsa ntja ya lelahleha.
18. Lehlanya le betsakang ditsenene,le metsu e bolayang,
19. le tshwana le mothoya thetsang mohahabo,ebe o re:“Ke ne ke itshwasetsa feela.”
20. Ha patsi e fedile, mollo o a tima,ha ho se mosebi, qabang di a fela.
21. Mashala a tswala leupa,patsi e hotetsa mollo,motho wa dikgangyena o fehla diqabang.
22. Taba tsa bofuufudi monate haholo,di ka dijotse theohelang hamonate maleng.
23. Motho ya leme le monatea le pelo e mpe,o jwaloka pitsa ya letsopae homilweng ka manya a silefera.
24. Moikaketsi o ikgakanyaka polelo tsa hae,empa pelong ya hae o emere thetso.
25. Leha a ka bua hamonateo se mo kgolwe,hobane bobebo kgaphatseha pelong ya hae.
26. Leha lehloyo la haele ka ikgakanya ka thetso,bokgopo ba haebo tla taloleha mahlong a bohle.
27. Ya tjhekang lemenao tla wela ho lona,ya thetang lejwele tla mo wela hodimo.