Maele 25:5-24 BIBELE (SSO89SO)

5. Hleka ba kgopo kapele ho kgosi,terone ya yonae tle tsitsiswe ke ho loka.

6. Se ke wa ikakasa kapele ho kgosi,kapa wa dula tulong tsa mahosana;

7. ho molemo ha kgosi e re ho wena:“Nyolohela kwano!”ho ena le ho tlontlollwamahlong a kgosana,mahlong a kgosana eo o e bonang.

8. Se potlakele ho isa motho ka kgotla,esere mohaeno a o tlontlolla,wa qetellao se na seo o ka se etsang.

9. Ha o tsekisana le mohaenobuisana le yena,feela taba tsa e mongtsona e be pinyane,

10. esere ha a utlwa a o tlontlolla,botumo bo bobebo se hlole bo o hlakoha.

11. Polelo e builweng ka nako ya yonae ka apole tsa kgautaka sejaneng sa silefera.

12. Ho kgalengwa ke motho ya bohlale,tsebeng e lethwethwe ke lesale,ke mokgabo wa kgautae hlwekisitsweng.

13. Jwaloka lehlwa le phodisangka nako ya kotulo,leqosa le tshepahalangle jwalo ho ba-le-romi;le kgatholla pelo ya monga lona.

14. Motho ya ithorisangka dimpho tsa molomo,o jwaloka marule moya o se nang pula.

15. Ho ba le mamelloho ka sokolla kgosi;polelo e bonolo e fedisa manganga.

16. Ha o ntshetsa dinotshio di je ka tekanyo;ha o ka itlopa tsona,di tla o hlatsisa.

17. Ya ahisaneng le wenao mo fapohele sewelo,esere wa mo tena,a qetella a o hloile.

18. Ya etseletsang mohahabo ka leshanoke koto kapa sabole,kapa motsu o ntjhotjho.

19. Ho tshepa molotsananakong ya ditsietsiho ka leino le bodileng,kapa leoto le hlotsang.

20. Ho binela ya hlomohilengpina tsa thabo,ho ka ho hlobola kobomohla ho batang,le ho tshela asene hodima leqeba.

21. Ha sera sa hao se lapile,o ke o se fepe;ha se nyorilwe, se fe metsi se nwe;

22. ka ho etsa jwaloo se hlabisa dihlong,mme wena Morena o tla o putsa.

23. Jwalokaha moya wa leboyae le mmadipulana,leme le sebang le tsosa kgalefo.

24. Ho molemoho iphelela sekgutlwanengkahodima marulelo a ntlo,ho ena le ho phelale mmadikomang.

Maele 25