12. Ho kgalengwa ke motho ya bohlale,tsebeng e lethwethwe ke lesale,ke mokgabo wa kgautae hlwekisitsweng.
13. Jwaloka lehlwa le phodisangka nako ya kotulo,leqosa le tshepahalangle jwalo ho ba-le-romi;le kgatholla pelo ya monga lona.
14. Motho ya ithorisangka dimpho tsa molomo,o jwaloka marule moya o se nang pula.
15. Ho ba le mamelloho ka sokolla kgosi;polelo e bonolo e fedisa manganga.
16. Ha o ntshetsa dinotshio di je ka tekanyo;ha o ka itlopa tsona,di tla o hlatsisa.
17. Ya ahisaneng le wenao mo fapohele sewelo,esere wa mo tena,a qetella a o hloile.
18. Ya etseletsang mohahabo ka leshanoke koto kapa sabole,kapa motsu o ntjhotjho.
19. Ho tshepa molotsananakong ya ditsietsiho ka leino le bodileng,kapa leoto le hlotsang.