Maele 25:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ana le wona ke maele a Solomone, ao banna ba Hesekiea, kgosi ya Juda, ba ileng ba a bokella, ba a ngola:

2. Tlotla ho Morenake ho etsa ditaba sephiri,athe tlotla ya dikgosike ho phenyaphenya ditaba.

3. Jwalokaha mahodimo a phahame,fatshe lona le le tlase,menahano ya dikgosile yona e ke ke ya fihlelwa.

4. Hlwekisa sileferaka ho e ntsha manya,lelala le tle le tsebeho bopa nkgo ka yona.

5. Hleka ba kgopo kapele ho kgosi,terone ya yonae tle tsitsiswe ke ho loka.

6. Se ke wa ikakasa kapele ho kgosi,kapa wa dula tulong tsa mahosana;

7. ho molemo ha kgosi e re ho wena:“Nyolohela kwano!”ho ena le ho tlontlollwamahlong a kgosana,mahlong a kgosana eo o e bonang.

8. Se potlakele ho isa motho ka kgotla,esere mohaeno a o tlontlolla,wa qetellao se na seo o ka se etsang.

Maele 25