18. esere Morena a bona,mme a nyatsa,a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.
19. O se ke wa itshwenyaka ba etsang bobe,kapa wa kgahlwake ba etsang bokgopo;
20. ya kgopo ha ho letholeo a le tshepileng,bone la bophelo ba haele tla tingwa.
21. Mora wa ka,tshaba Morena le kgosi,o se ke wa ikopanyale mahlabaphiyo,
22. hobane hanghangkoduwa e tla a wela hodimo.Ana ke mang ya ka tsebangtshenyo eo ba tla e etsa?
23. Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale:Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.
24. Ya reng ho ya kgopo:“Ha o na molato,”tjhaba di tla mo rohaka,merabe e mo nyonye;
25. empa ba ahlolang ya molatoba tla atleha,mahlohonolo a ba atele.
26. Ya arabang ka bokgabaneo supa setswalle sa nnete.
27. Hlopha mosebetsi wa hao o kantle,ebe o lema tshimo ya hao,o nto haha ntlo ya hao.
28. O se be pakie tswang mohaeno ntle ho lebaka,polelo tse thetsangdi se tswe molomong wa hao.
29. O se ke wa re:“Ke tla busetsa molamu sefateng,kgalapa ke e buseletse ka kgalapa.”
30. Ke ile ka fetapela tshimo ya sekgoba,ka ba ka fetarapeng sa morara sa ya sethoto,