15. Se lalle ntlo ya motho ya lokilengjwalokaha senokwane se etsa;lapa la hae o se ke wa le senyetsa,
16. hoba leha ya lokileng a ewa hasupa,o ye a boele a tsohe,athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.
17. O se ke wa thabelaho wa ha sera sa hao,pelo ya hao e se nyakalleha se kgothometseha;
18. esere Morena a bona,mme a nyatsa,a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.
19. O se ke wa itshwenyaka ba etsang bobe,kapa wa kgahlwake ba etsang bokgopo;
20. ya kgopo ha ho letholeo a le tshepileng,bone la bophelo ba haele tla tingwa.
21. Mora wa ka,tshaba Morena le kgosi,o se ke wa ikopanyale mahlabaphiyo,
22. hobane hanghangkoduwa e tla a wela hodimo.Ana ke mang ya ka tsebangtshenyo eo ba tla e etsa?
23. Tsena ke polelo tse ding hape tsa ba bohlale:Ho ahlola ka leeme ha ho a loka.
24. Ya reng ho ya kgopo:“Ha o na molato,”tjhaba di tla mo rohaka,merabe e mo nyonye;
25. empa ba ahlolang ya molatoba tla atleha,mahlohonolo a ba atele.
26. Ya arabang ka bokgabaneo supa setswalle sa nnete.