Maele 24:13-19 BIBELE (SSO89SO)

13. Mora ka, eja mahe a dinotshi,hobane a a latsweha,o je kgekge ya dinotshihobane e a hlabosa.

14. Tseba hore bohlale bo jwalomoyeng wa hao;ha o ka bo fumanao tla ba le katleho kamoso,tshepo ya hao e ke ke ya fela.

15. Se lalle ntlo ya motho ya lokilengjwalokaha senokwane se etsa;lapa la hae o se ke wa le senyetsa,

16. hoba leha ya lokileng a ewa hasupa,o ye a boele a tsohe,athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.

17. O se ke wa thabelaho wa ha sera sa hao,pelo ya hao e se nyakalleha se kgothometseha;

18. esere Morena a bona,mme a nyatsa,a kgelosa kgalefo ya hae ho sona.

19. O se ke wa itshwenyaka ba etsang bobe,kapa wa kgahlwake ba etsang bokgopo;

Maele 24