1. O se ke wa kgahlwa,wa kgahlwa ke ba kgopo,o se lakatseho etsa setswalle le bona,
2. hobane ba inahanelaho sebedisa dikgoka,melomo ya bona e bua dimpe.
3. Bohlale ke bona bo hahang ntlo,kutlwisiso yona e e tsitsise,
4. tsebo e tlatse dikamoreka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa,matlotlo a kgahlehang.
5. Ya bohlale o matla ho feta senatla,ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.
6. O lwana ntwao itokiseditse yona hantle,o e hloleka ho eletswa ke ba bangata.
7. Sethoto ha se utlwisise bohlale,ka kgotlase ke ke sa ahlamisa molomo.
8. Ya lohang mano a ho etsa bokgopobatho ba mmitsa rabolotsana.
9. Merero ya bothoto ke sebe,mosomi o nyonywa ke batho bohle.
10. Haeba o nyahama pelomohla ditsietsi,o fela o fokollwa ke matla.
11. Lopolla ba iswang lefung,o pholose ba iswang polaong.
12. Ha o ka re:“Jo! re ne re sa tsebe!”Na ya bonang dipeloyena a ke ke a lemoha?Ya baballang bophelo ba haoyena o a tseba,motho ka mong o tla mo putsaho ya ka mesebetsi ya hae.