Maele 24:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. O se ke wa kgahlwa,wa kgahlwa ke ba kgopo,o se lakatseho etsa setswalle le bona,

2. hobane ba inahanelaho sebedisa dikgoka,melomo ya bona e bua dimpe.

3. Bohlale ke bona bo hahang ntlo,kutlwisiso yona e e tsitsise,

4. tsebo e tlatse dikamoreka mekgabo ya matlotlo a bohlokwa,matlotlo a kgahlehang.

5. Ya bohlale o matla ho feta senatla,ya nang le tsebo o feta sekwankwetla.

6. O lwana ntwao itokiseditse yona hantle,o e hloleka ho eletswa ke ba bangata.

7. Sethoto ha se utlwisise bohlale,ka kgotlase ke ke sa ahlamisa molomo.

8. Ya lohang mano a ho etsa bokgopobatho ba mmitsa rabolotsana.

9. Merero ya bothoto ke sebe,mosomi o nyonywa ke batho bohle.

10. Haeba o nyahama pelomohla ditsietsi,o fela o fokollwa ke matla.

Maele 24