Maele 22:4-16 BIBELE (SSO89SO)

4. Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.

5. Meutlwa le marabadi tseleng ya ya kgopo,empa ya ipaballangyena o tla di qoba.

6. Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.

7. Barui ba laola mafutsana;moadimuwa o fetohakgoba la moadimi.

8. Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi,kgalefo ya haee ke ke ya mo thusa ka letho.

9. Motho ya fanang a thabileo tla hlohonolofatswa,hobane yena o fepa mafutsana.

10. Leleka mosomimme qabang di tla fela,diphapang le mahlapale tsona di kgaotse.

11. Ya ratang pelo e hlwekileng,eo polelo tsa hae di tletseng mohau,kgosi e tla ba motswalle wa hae.

12. Mahlo a Morenaa fadimehela tsebo,empa o nyopisa polelotsa ya sa tshepahaleng.

13. Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!”kapa se re:“Ke tla bolaelwa diterateng!”

14. Molomo wa sehlolake lemena le tebileng;ya halefetsweng ke Morenao tla wela ka ho lona.

15. Bothoto bo tlameletsweka pelong ya ngwana,empa thupa ya tayoe tla bo falatsa ka ho yena.

16. Ya tlatlapang mofutsanaho ikekeletsa leruo,a bile a etsetsa barui dimpho,o tla futsaneha.

Maele 22