Maele 22:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Motho ya sedi o bona kotsi,a e balehe;ya se nang tsebo o hahamalla pele,a be a yo wela.

4. Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.

5. Meutlwa le marabadi tseleng ya ya kgopo,empa ya ipaballangyena o tla di qoba.

6. Ruta ngwana tsela ya ho phela,ha a hodile a ke ke be a fapoha.

7. Barui ba laola mafutsana;moadimuwa o fetohakgoba la moadimi.

8. Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi,kgalefo ya haee ke ke ya mo thusa ka letho.

9. Motho ya fanang a thabileo tla hlohonolofatswa,hobane yena o fepa mafutsana.

10. Leleka mosomimme qabang di tla fela,diphapang le mahlapale tsona di kgaotse.

11. Ya ratang pelo e hlwekileng,eo polelo tsa hae di tletseng mohau,kgosi e tla ba motswalle wa hae.

Maele 22