Maele 22:14-26 BIBELE (SSO89SO)

14. Molomo wa sehlolake lemena le tebileng;ya halefetsweng ke Morenao tla wela ka ho lona.

15. Bothoto bo tlameletsweka pelong ya ngwana,empa thupa ya tayoe tla bo falatsa ka ho yena.

16. Ya tlatlapang mofutsanaho ikekeletsa leruo,a bile a etsetsa barui dimpho,o tla futsaneha.

17. Thea tsebeo mamele polelo tsa ba bohlale,o ele hlokoho ithuta tseo ke di tsebang,

18. hobane ho monateha o di boloka ka pelong ya hao,kaofela ha tsonadi dutse molomong wa hao.

19. Kajeno ke hlile ke ruta wena,Wena ka seqo,e le hore o tlo tsebeho tshepa Morena.

20. Ke o ngoletsepolelo tse mashome a mararo,tse nang le keletso le tsebo,

21. tse o rutang botshepehile ho bua nnete,ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.

22. O se tlatlape mofutsanahobane e le mofutsana,o se sotle bahloki ka kgotla,

23. hobane Morenao tla emela nyewe ya bona;ba ba jelengle bona Morena o tla ba fedisa.

24. O se ke wa etsa setswallele motho ya bohale,o se tlwaelane le sefelapelwana,

25. esere wa ithuta mekgwa ya sona,yaba le wena o a tshwaswa.

26. O se ke wa ikanaka ho etsa tshepiso,o se itlameho lefa melato ya ba bang.

Maele 22