1. Pelo ya kgosie ka atleng tsa Morena,o e isa moo a ratangsa metsi a molatswana.
2. Motho o bona tsela tsohle tsa hae,o di bona di nepahetse,empa Morena ke yenaya lekolang pelo.
3. Ho etsa ho lokilengle ho phetha tokaho amoheleha ho Morenaho feta sehlabelo.
4. Fahleho se hwapilengle pelo e ikgohomosang,e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!
5. Merero ya ya mafolofoloe mo tlisetsa nala,lepotlapotla lona le ikisa bofumeng.
6. Tlotlo le fumanwangka ho bua leshanoke mouwane o fetang,le leraba la lefu,
7. Dikgoka tsa ba kgopodi tla ba timetsa,hoba ba hana ho etsa ho lokileng.
8. Tsela ya ba molatoe matswedintsweke,boitshwaro ba ba hlokang kodibo otlolohile.
9. Ho molemoho iphelela sekgutlwaneng,kahodima marulelo a ntlo,ho ena le ho phelale mmadikomang,ho phela le yenaka tlung e le nngwe.
10. Motho ya kgopo o labalabela bobe,ha a qenehele ya ahisaneng le yena.
11. Ha mosomi a otlwa,ya se nang tsebo o a hlalefa;ha ya bohlale a rutwa,yena o fumana tsebo.
12. Modimo ya lokilengo hlahloba lapa la ya kgopo,o timetsa ya kgopoka baka la bokgopo ba hae.
13. Ya ithibang ditsebeha mofutsana a lla,le yena o tla lla,empa a ke ke a mamelwa.
14. Mpho ya lekunutue thethefatsa bohale,tjotjo e kgwaetsweng ka kobong,e kokobetsa kgalefo e tlokomang.