2. Kgalefo ya kgosie jwaloka tau ha e puruma,ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.
3. Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,sethoto sona ke maratahelele!
4. Sekgoba ha se ke se lemaka nako ya teng,ha ho kotulwa se a kopa,ha se fumane letho.
5. Pelong ya mothomerero e ka metsi a bodiba,ya nang le kutlwisisoyena o a e fihlela.
6. Motho ka mongo ithorisa ka molemo wa hae,ya tshepahalangyena a ka fumanwa ke mang?
7. Metsamao ya ya lokilengha e na kodi,bana ba hae ba tla hlohonolofala.
8. Kgosi ha e dutsetulong sa yona sa kahlolo,ka mahlo a yonae tsheka bobe bohle.
9. Ke mang ya ka reng:“Ke hlwekisitse pelo ya ka,nna ke hlwekile ha ke na sebe?”
10. Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng,esita le boima bo sa lekaneng,bobedi ke manyala,ke manyala mahlong a Morena.
11. Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae,e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng.
12. Tsebe e mamelangle leihlo le bonang,bobedi ba tsonadi entswe ke Morena.
13. Se rate boroko, esere wa futsaneha;se robale, o tlo atelwe ke tjhai.
14. “Ha e a loka! Ha e a loka!”ho rialo moreki.Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.
15. Kgauta e tengle mabenyane a bohlokwa a teng,empa molomo o bolelang tseboke lehakwe la bohlokwa.
16. Ya itlamang ka molato wa e mong,o mo nkele kobo ya hae,o e bee paneng ha a itlammeka molato wa motho eo.
17. Dijo tse fumanweng ka bolotsanadi monate ho motho,empa hamorao molomo wa haeo tlala lehlohlojane.
18. Rala merero ya haoka ho batla keletso,ntwa o e lwaneo se o fumane keletso.