Maele 20:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Veine ke moikakasi,jwala bo baka lerata,ya kgeloswang ke tsonao hloka bohlale.

2. Kgalefo ya kgosie jwaloka tau ha e puruma,ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.

3. Ke tlotla ho kgaohana le diqabang,sethoto sona ke maratahelele!

4. Sekgoba ha se ke se lemaka nako ya teng,ha ho kotulwa se a kopa,ha se fumane letho.

5. Pelong ya mothomerero e ka metsi a bodiba,ya nang le kutlwisisoyena o a e fihlela.

6. Motho ka mongo ithorisa ka molemo wa hae,ya tshepahalangyena a ka fumanwa ke mang?

7. Metsamao ya ya lokilengha e na kodi,bana ba hae ba tla hlohonolofala.

8. Kgosi ha e dutsetulong sa yona sa kahlolo,ka mahlo a yonae tsheka bobe bohle.

9. Ke mang ya ka reng:“Ke hlwekisitse pelo ya ka,nna ke hlwekile ha ke na sebe?”

10. Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng,esita le boima bo sa lekaneng,bobedi ke manyala,ke manyala mahlong a Morena.

Maele 20