Maele 2:8-17 BIBELE (SSO89SO)

8. O baballa ba lokilengtseleng tsa bona,batshepuwa ba hae a ba sireletse.

9. O tla utlwisisa ho loka,ho tshepeha, le ho nepahetseng,o utlwisise le ditsela tsohle,tsela tsohle, tse lokileng;

10. hobane bohlalebo tla kena pelong ya hao,tsebo e be boithabiso,boithabiso ba pelo ya hao.

11. O tla baballwa ke ho ba le kelello,kutlwisiso e o sireletse,

12. e o pholose tseleng tse kgopo,e o phemise ba buang tse mpe,

13. ba lahlang tsela tse lokileng,ba tsamayang tseleng tse lefifi.

14. Bona ba thabela ho etsa bobe,ba thabela bokgopo ba ba kgopo,

15. bao tsela tsa bona di kgopameng,metsamao ya bona e kgelohileng.

16. O tla phemiswa mosadi wa sehlola,mosadi ya ekang ka dipolelo,

17. ya sa tshepahalengho monna wa hae,ya lebalangselekane sa Modimo wa hae.

Maele 2