3. ha o ka ipiletsa hore o be sedi,wa kopa hore o be le kutlwisiso;
4. ha o ka e batlasa hoja o batla silefera,wa e batla sa tlotlo e le patuwe;
5. kutlwisiso ya ho tshaba Morenao tla e fihlela,ho tseba Modimo le honao ho fumane.
6. Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
7. O hlokomela metsamaoya ba lokileng,ke thebe ho ba hlokang kodi.
8. O baballa ba lokilengtseleng tsa bona,batshepuwa ba hae a ba sireletse.
9. O tla utlwisisa ho loka,ho tshepeha, le ho nepahetseng,o utlwisise le ditsela tsohle,tsela tsohle, tse lokileng;
10. hobane bohlalebo tla kena pelong ya hao,tsebo e be boithabiso,boithabiso ba pelo ya hao.
11. O tla baballwa ke ho ba le kelello,kutlwisiso e o sireletse,
12. e o pholose tseleng tse kgopo,e o phemise ba buang tse mpe,
13. ba lahlang tsela tse lokileng,ba tsamayang tseleng tse lefifi.
14. Bona ba thabela ho etsa bobe,ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
15. bao tsela tsa bona di kgopameng,metsamao ya bona e kgelohileng.
16. O tla phemiswa mosadi wa sehlola,mosadi ya ekang ka dipolelo,