13. ba lahlang tsela tse lokileng,ba tsamayang tseleng tse lefifi.
14. Bona ba thabela ho etsa bobe,ba thabela bokgopo ba ba kgopo,
15. bao tsela tsa bona di kgopameng,metsamao ya bona e kgelohileng.
16. O tla phemiswa mosadi wa sehlola,mosadi ya ekang ka dipolelo,
17. ya sa tshepahalengho monna wa hae,ya lebalangselekane sa Modimo wa hae.
18. Lapa la hae le kgannela lefung,tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.
19. Ba kenang lapeng leoha ba ke ba kgutla,le tsela ya bophelo ha ba e fumane.
20. Kahoo o tla tsamayatseleng ya ba lokileng,o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.
21. Ba lokileng ba tla phela lefatsheng,ba hlokang kodi ba ahe ho lona.
22. Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng,mahlabaphiyo a timetswe ho lona.