Maele 16:20-32 BIBELE (SSO89SO)

20. Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morenao a hlohonolofala.

21. Ya bohlaleho thwe o na le kutlwisiso,polelo tse monate tsonadi a kgodisa,

22. Bohlale ke diba sa bopheloho ya nang le bona,ho ruta dithotoke ho itshenyetsa nako.

23. Ya bohlaleo hlalefiswa ke pelo ya hae,le seo a tla se buao se rutwa ke yona.

24. Polelo tse monatedi ka mahe a dinotshi,moyeng di a hlabosa,di matlafatse mmele.

25. Tsela e teng e bonahalange lokile ho monga yona,empa e qetella ka ho isa lefung.

26. Sekgothadi se a itshebeletsa,se itshebeletsa ka thata,hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.

27. Senokwane se rera bobe,molomong wa sonaho tswa tse tjhesang sa malakabe.

28. Motho ya kgopo o duka kgotso,mosebi yena o qabanya metswalle,metswalle ya hlooho ya kgomo.

29. Motho ya dikgokao hohela ya ahisaneng le yena,a mo tsamaise tseleng tse sa lokang,

30. Ya robang leihlo o rera bokgopo,ya petlang melomobobe o sa bo entse.

31. Moriri o moputswake mofapahlooho o kgabane,o fumanwake ya phelang ka ho loka.

32. Ya nang le mamelloo molemo ho feta ya dikgoka,ya itshwarang ha a halefileo feta ya hapang motse.

Maele 16