Maele 16:14-25 BIBELE (SSO89SO)

14. Kgalefo ya kgosie tshwana le ya tlisang pehi,empa ya bohlaleo kokobetsa kgalefo.

15. Ho thaba ha kgosi ho a phedisa,mohau wa yonao ka leru la pula selemo.

16. Ho fumana bohlaleho molemo ho feta kgauta,ho fumana kutlwisisoho molemo ho feta silefera.

17. Tsela ya ba lokilenge kgeloha bobe,ya e hlokomelango baballa bophelo ba hae.

18. Boikakaso bo etella timelo pele,boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.

19. Ho molemo ho ikokobetsao le hara mafutsana,ho ena le ho arolelana kgapole baikgohomosi.

20. Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morenao a hlohonolofala.

21. Ya bohlaleho thwe o na le kutlwisiso,polelo tse monate tsonadi a kgodisa,

22. Bohlale ke diba sa bopheloho ya nang le bona,ho ruta dithotoke ho itshenyetsa nako.

23. Ya bohlaleo hlalefiswa ke pelo ya hae,le seo a tla se buao se rutwa ke yona.

24. Polelo tse monatedi ka mahe a dinotshi,moyeng di a hlabosa,di matlafatse mmele.

25. Tsela e teng e bonahalange lokile ho monga yona,empa e qetella ka ho isa lefung.

Maele 16