1. Pelo ya motho e rera merero,tseo a di buangdi laolwa ke Morena.
2. Ketso tsa mothodi tadimeha di lokile ho yena,empa Morenao lekola sepheo sa hae.
3. Bea mesebetsi ya haoatleng tsa Morena,mme merero ya haoe tla phethahala.
4. Tsohle Morena o di entseka morero wa hae,le ya kgopotsatsi la ditlokotsi le mo emetse.
5. Motho ya ikgantshang,Morena o a mo nyonya,ya jwalo Morena o tla mo ahlola.
6. Sebe se hlakolwake lerato le botshepehi;ya tshabang Morenabobe o tla bo phema.
7. Eo metsamao ya haee kgahlang Morena,Morena o mo phedisaka kgotso le dira tsa hae.
8. Sejosenyane se molemoha se fumanwe ka toka,ho ena le maruoa fumanwang ka bolotsana.
9. Motho o itherela tsela ya hae,empa ke Morena ya mo tataisang.
10. Diqeto tsa kgosidi tswa ho Modimo,ha e ahlola e ahlola ka toka.
11. Tekanyo tse nepahetsengke tsa Morena,majwe a supang boimaa entswe ke yena.
12. Kgosi di nyatsa ketso tse manyalaho loka hona ho tsitsisa mmuso.
13. Molomo o buang tse lokilengo thabisa dikgosi,dikgosi di rata motho ya buang nnete.