Maele 15:6-22 BIBELE (SSO89SO)

6. Ka tlung ya ya lokilengleruo le teng,empa ya kgopoleruo le mmakela ditsietsi.

7. Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,pelo ya ya sethoto yona e mpe.

8. Mahlabelo a ya kgopoke manyala ho Morena,empa thapelo ya ya lokilenge a mo kgahla.

9. Ditsela tsa ya kgopoke manyala ho Morena,ya labalabelang ho lokayena o a mo rata.

10. Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,ya hloileng kgalemo yena o tla timela.

11. Morena o tsebatse ka Nqalong ya Bafu,le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,a ka sitwa keng ho tsebamakunutu a batho?

12. Mosomi yena o hloile kgalemo,le ho ba bohlalea ke ke a batla keletso.

13. Pelo ha e thabilesefahleho se kganya kgotso,empa ha e hlomohilemotho o utlwa bohloko.

14. Ya nang le kutlwisisoo labalabela tsebo,athe dithoto tsonadi labalabela bothoto.

15. Ya tshwenngwango phela habohloko ka nako tsohle,ya thabilengyena o keteka kamehla.

16. Sejosenyane se molemoha o tshaba Morena,ho ena le maruoa o bakelang ditsietsi.

17. Ho molemo ho ja morohoo fanwang ka lerato,ho ena le matshufua fanwang ka lehloyo.

18. Motho ya bohale o baka diqabang,ya nang le mamello yena o a di fedisa.

19. Tsela ya sekgobae ririellane meutlwa,athe ya ya lokilengyona e bataletse hantle.

20. Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae,empa sethoto sonase nyedisa le mma sona.

21. Ya hlokang bohlaleo thabiswa ke bothoto,ya nang le kutlwisisoyena o etsa ho lokileng.

22. Ya sa rateng dikeletsomerero ya hae e a nyopa,ya eletswang ke ba bangatayena o a atleha.

Maele 15